Basotho ba na le lipapali tseo ba ketekang meketjana ka tsona Ele ho natifisa meketjana eo. Lipapali ba li etsa hape le bakeng aa ho itlhabolla, ho koetlisa 'mele le ho itlosa bolutu. Tse Ling tsa lipapali tsena li ba ruta le masene.
Lingata lipapali tsa Basotho empa ke rata ho tlo bua ka tse latelang eleng mokhibo, litolobonya, lipina tsa mokopu, liketoana, mohobelo, moraba-raba, ntlamo le selia-lia. Lipapali tsena Basotho ba ikhethile ka tsona 'me li bohlokoa ho bona hobane ha li t'soane le tsa linaha Tse ling hape li na le moaparo oa tsona o ikhethileng o motle haholo ebile o ba khabisa ha ba etsa lipapali tsena.